MATSHWAO: 120
NAKO: dihora tse 2½
Pampiri ena e na le maqephe a 17.
KEREITE YA 12
PAMPIRI YA 1 (P1)
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tharo, e leng:
KAROLO YA A: Tekokutlwisiso 
KAROLO YA B: Kgutsufatso 
KAROLO YA C: Thutapuo le tshebediso ya puo 
KAROLO YA D: Dingolwa 
Araba dipotso TSOHLE.
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng le LETJHA.
Seha mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Dipotso tsohle di arajwe ka Sesotho.
KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO
POTSO YA 1
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
TEMA YA 1
Bala tema ena e latelang ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse hlahang tlasa yona ka ho sebedisa mantswe a hao. Araba ka lentswe le le leng feela moo ho hlokehang, ntle le haeba potso e hloka tlhaloso kapa karabo e teletsana.
Ba ne ba ntse ba ngola ha ba tla utlwa motho a kokota monyako. Ba emisa ho ngola ba sheba ka nqa ya ka moo ho kokotwang ka teng. Ha ba tadima ba bona monnamoholo e mokgutshwane a eme monyako. O ne a ntse a hwehla ka letsoho ho bontsha hore o batla ho bua le titjhere e ntseng e ngola le yona. Bana ba hweshetsa ho bontsha hore ho na le motho monyako. Titjhere ha a hetla, a bona monnamoholo enwa a se a suthile a eme thokwana mane tlasa sefate. A mo atamela ba buabua, monnamoholo a ntse a supasupa e ka o ntse a mmontsha ho hong mmeleng.
Ha a ntse a mmontsha yaba titjhere e ntse e oma ka hlooho ho bontsha hore e utlwisisa seo monnamoholo a buang ka sona. Ra bona titjhere e se e itshetjha e ntsha ho hong ho kang tjhelete ka pokothong a ho neha monnamoholo enwa. Le yena a oma ka hlooho ho bontsha hore o a leboha. Monnamoholo a tsamaya. Titjhere a boela ka phaposing ya ho rutela. Ha a fihla, a fihla a keketeha pele a hlalosa hore o qabolwa ke eng.
Titjhere o re o ile a shapa ngwana monnamoholo enwa, jwale monnamoholo o na le tletlebo ka taba eo. Ho bonahala ha ngwana a ile a phetela ntatae hore titjhere o ba shapile bohle ka phaposing empa yena o shapuwe ho feta bana ba bang. Ya eba taba ya mohlolo hobane ba bang bana bao eo a shapuweng le bona ba teng sekolong ebile ba ntse ba rutwa ka phaposing. Yena o lofile sekolong a bolela hore ha ntatae a sa yo bua le titjhere, a ke ke a hlola a beha leoto la hae sekolong. Seo titjhere a neng a se ntsha pokothong e ne e le tjheletenyana eo a neng a re monnamoholo a tle a reke Zambuk ya ho tshasa metopa ya ngwana. Ke wona mohaunyana oo a ka mo etsetsang wona.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Kgoro ya puo, MG Molefe et al, 2007:142 - 43
DIPOTSO:
Ke lebaka lefe le entseng hore bana ba emise ho ngola ka phaposing?
Hlalosa seemo sa motho eo ya neng a eme monyako ka botlalo.
Nehelana ka lentswe le le leng bakeng sa sehlotshwana sa mantswe a ngotsweng ka mongolo o sekamisitsweng dipolelong tse latelang. Kgetha karabo e nepahetseng ka ho fetisisa lenaneng leo o le filweng. Ngola nomoro le karabo feela.
Ha motho a phahamisitse letsoho a bontsha e mong hore a tle kapa a atamele ho yena re re o a mo ...
A bitsa.
B roma.
C hwehla.
Ha batho ba buela fatshe mme ba sa batle ho hlodiya re re ba a ...
A bua.
B hweshetsa.
C ipua.
Ke ketso efe e bontshang hore titjhere o ne a se a utlwisisa seo monnamoholo a mmontshang sona?
Bolela hore na polelo e latelang ke nnete kapa mafosi ho ya ka ditaba tsa tema o nto tshehetsa karabo ya hao ka lebaka.
Titjhere o ile a fa monnamoholo Zambuk.
Bana bohle ba ne ba shapuwe mme bohle ba tlile sekolong empa enwa wa monnamoholo o lofile. Ebe phapang ke efe ho shapuweng hoo ha bona?
Na ketso ee e entsweng ke titjhere e a amoheleha ya ho shapa bana ho ya ka molaotheo wa naha ya rona? Tshehetsa karabo ya hao.
Na ho lofa ha ngwana eo sekolong ho ne ho tla lokisa bothata boo ba ho shapuwa ke titjhere? Tshehetsa karabo ya hao ho ya ka kutlwusiso ya hao.
Kgetha karabo e nepahetseng ka ho fetisisa e hlalosang se bolelwang ke polelo ena e latelang: "Ya eba taba ya mohlolo ... e hlalosa ho re ...''
Ke nnete hore ngwana eo wa monnamoholo o shapuwe ho feta ba bang.
Ke taba e swabisang.
Ha se nnete hore ngwana eo wa monnamoholo o shapuwe ho feta ba bang.
TEMA YA 2
Boha tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang:
Papatso
Panado ya bana e fumaneha ka sebopeho sa mokedikedi le sa dipidisi tse hlafunwang. Panado ya mokedikedi e tsebahala ka dibotlolo tse pedi tse lekanang, e nngwe e tshetse seturupu se setala ha e nnqwe e tshetse seturupu se se kgubedu. Botlolwana e nyenyane ke ya marothodi mme e etseditswe masea feela. Tjhupu ya kgalase e sebedisetswa ho hula marothodi botlolong eo e nyenyane ebe a rothisetswa ka molomong wa lesea.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa makasineng wa Bona wa Pherekgong 2008
DIPOTSO:
Ke dintho dife tse PEDI setshwantshong see, tse bontshang hore sehlahiswa sena se etseditswe bana?
Sehlahiswa see se fumaneha ka dibopeho dife tse PEDI?
Phapang ke efe pakeng tsa setshelo se tshetseng dipidisi le setshelo se tshetseng mokedikedi?
Ke ka lebaka lefe ha ho sebediswa tjhupu botlolwaneng e nyenyane?
Na bana ba lokelwa ke ho nwa dipidisi tseo ka metsi? Tshehetsa karabo ya hao.
Ho ya ka wena, o ka re papatso ee reretswe bomang setjhabeng?
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: KGUTSUFATSO
POTSO YA 2
Bala ditaba tsa tema e latelang, ebe o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 50 ho isa ho a 60 ka dintlha tse SUPILENG tse fupereng mehopolo ya sehlooho e hlalosang ka tshebetso ya keretjhe. Ngola ka mokgwa wa dintlha. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Palo ya bana ba fumanwang mebileng e ntse e eketseha. Mabaka a mangata ao e leng sesosa sa palo ena. A mang a ona ke palo e kgolo ya dikgutsana tseo batswadi ba tsona ba bolawang ke AIDS, tlhekefetso malapeng le bofutsana. Ho bolela Shange.
Setjhaba se hloka ho rutwa hore se se fe bana bana ba mebileng tjhelete kapa tsona dijo. Tjhelete ena eo ba e fuwang ke sesosa se seholo sa ho phela mebileng ho e na le malapeng kapa matlong a tlhokomelo. Le ha ho le jwalo, batho ba bang ba bona eka ke bokgopo.
Bana bana ha ba nahane letho ka bokamoso ba bona. Ntho e bohloko feela ke ho re bana bana ba shwella mebileng moo. Ba phela hara tlhekefetso, bonokwane, dithethefatsi, bohlola le tsohle tse mpe. Hang ha ba fetoha makgoba a dithethefatsi, ba ka bolaya motho moo ba batlang botlolo feela ya sekgomaretsi.
Mekgatlo e hlokomelang bana ba mebileng ha e a dumellwa ho ba tlosa moo ka sheshe le ha e le hore ba a lematsana athe le mapolesa a ka ba tlosa moo ha feela ba se ba tlotse molao.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa makasineng wa Bona Pherekong 2008
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO
POTSO YA 3
Bala tema ena e latelang ka hloko o nto araba dipotso tsa thutapuo tse thehilweng hodima yona:
Ha mokgopi o qhalana, Raditaba le Tjhotjholosa ba theohela lengotswaneng, ba shebana mahlong, yaba ba ya fatshe ke ditsheho. Motho a re, "hona ke qaleho ya morero wa rona wa boiphetetso. O qadile hantle, wa nkgono; ke a dumela hore o monna e seng monnanyana. Le nna o tla qala ho mpona na motho ke ye ke mo etse jwang ha a le tjena ka Hipo. Haeba Dikeledi a ka nyalwa ke ntja e kang ena, ke tla mo tsota ruri, e tla ba le yena ke ntja e jwalo; motho a nyalane le lehlena a ntse a le bona ebe o re o tla itshokollela ntho ya hae e be e loke? Fariki ke fariki ha e sa tla ba motho le kgale. Le ha a ka atleha, feela hopola hore ntja e boela mahlatseng a yona, fariki e boele seretseng ha e qeta ho hlatsuwa. Ke tseba ditaba etswe lebitso la ka le mpaka jwalo! Ha ke moshanyana wa maobane; thola wena o tla mpona hantle". Ba boela ba hasana ke ditsheho ha ba hopola ka moo Hipo wa batho a neng a inwele ka teng ka sutu e bosootho bo fifetseng empa jwale e le kgwadi ke seretse, mobu le tse tswang ka maleng, hodimo le tlase. Ba tsheha, bao batho, ba utlwa monate o utluwang ke batho ba bang ha motho a hlahetswe ke tse babang, e seng lefu, empa tse mo tlontlollang, tse mo theolang boemong boo a leng ho bona, ba lebale hore 'pitsi ho kgotjwa e maoto mane' hore le bona le tla ba tjhabela mme le bona ba utlwe bohloko, ba lle bosiu le motsheare. Ha ba fihla phuthehong, ba fihletse batho ba eme matlotlosiya, ka bone, ka bohlano, ka bobedi.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Bao batho: KE Ntsane 1990 leq 33
DIPOTSO:
Nehelana ka mahlalosonngwe/disinonime kapa mantswe a nang le moelelo o tshwanang le a ntshofaditsweng dipolelong tse latelang.
Raditaba o dumela hore kolobe e ke ke ya fetoha motho le kgale.
Banna bao ha ba rate ha Dikeledi a ka nyalwa ke nyalasi e jwalo.
Polelong ena 'Mohau o lokela ho thola ha motho e moholo a bua le wena' lentswe le ntshofaditsweng moelelo wa lona o sebedisitsweng polelong eo ke 'ho se bue letho'. Ha moelelo o mong wa lona e ka ba o latelang, 'Kelebohile o ile a thola tjhelete ha a ne a ya thoteng.' Ipopele dipolelo ka lentswe le latelang e le ho totobatsa meelelo e mmedi e fapaneng.
bona bona
Polelong e latelang ho sebedisitswe nyenyefatso: 'Ke a dumela hore o monna e seng monnanyana.' Fetolela mantswe a ntshofaditsweng nyenyefatsong.
Hona ke qaleho ya morero wa rona wa boiphetetso.
Sutu e ne e fifaditswe ke mobu le tse tswang ka maleng.
Bala dipolelo tse latelang o ntano fana ka malatodi (diantonimi) a mantswe a ntshofaditsweng.
Hona ke qaleho ya morero wa rona.
Batho ba boela ba hopola ka moo Hipo wa batho a neng a inwele ka teng.
Polelo ke ena: 'Dikeledi a ka nyalwa ke ntja e kang ena, ke tla mo tsota ruri'.
Mantswe a ntshofaditsweng ke mabitso. Bopa dipolelo tseo ho tsona o sebedisang mabitso a latelang:
mokgopi nkgono
Polelong ena: 'Dikeledi a ka nyalwa ke ntja' lentswe nyalwa le boetsuweng. Fetolela dipolelo tsena boetsuweng. Qala dipolelo ka mantswe ao o a fuweng.
Le jwalo le tla ba tjhabela le bona.
Le bona ...
Ke tseba ditaba etswe le lebitso la ka le mpaka jwalo.
Ditaba di ...
Lentswe 'phuthehong' polelong ena: 'Ha ba fihla phuthehong, ba fihletse batho ba eme matlotlosiya', ke lehlalosi la sebaka/tulo. Ngola polelo e latelang empa o fetole lentswe le ka masakaneng hore le be le sebopeho sa lehlalosi la sebaka/tulo.
Raditaba le Tjhotjholosa ba ne ba le teng (mokgopi) oo.
Ha motho a ya (lefu) o ela ho ya tshedisa ba hlahetseng ke tse babang.
Maele ana: 'Pitsi ho kgotjwa e maoto a mane,' a bolela eng ho ya ka moo a sebedisitsweng ka teng temaneng. Kgetha karabo e nepahetseng ho tse latelang.
Motho a ka kgotjwa ha a tsamaya majweng.
Bohle re etsa diphoso, ha ho motho ya phethahetseng.
Le ha o ka ba le maoto a mane jwalo ka phoofolo o tla nne o kgotjwe.
Motho o etsa phoso ka sepheo sa ho utlwisa e mong bohloko.
Polelong ena: Ha mokgopi o qhalana, Raditaba le Tjhotjholosa ba theohela lengotswaneng. Mantswe a ntshofaditsweng ke mahokedi, mme a thusa ho phethahatsa moelelo polelong. Tlatsa dikgeo ka mahokedi a nepahetseng dipolelong tsena. Ithuse ka mahokedi ana: a; sa; ba; di; le
Raditaba ka botjena bona ba hae, a phetela motswalle wa hae tseo yena a ... boneng ditorong tsa hae.
Polelo ena. 'Ebe o re o tla itshokolela ntho e be e loke?' e sebopehong sa potso. Fetolela polelo ena e latelang sebopehong sa potso. Qala polelo ya hao ka lentswe lena, 'na'.
Raditaba le Tjhotjholosa ba ile ba theohela ka lengopeng.
Polelo ena, 'Le nna le tla mpon' e ho lekgathe letlang. Ngola polelo e latelang hape empa e se e le ho lekgathe letlang:
Ba boela ba hasana ka ditsheho.
Ngola dipolelo tsena hape o se o lokisitse diphoso tse ngotsweng ka mongolo o motsho.
Polelong ena, 'O qadile hantle, wa nkgono,' ho sebedisitswe lerui 'wa nkgono'. Sebedisa lerui le latelang polelong ya hao: 'wa rona'
Bala ditaba tsa lengolo le latelang ka hloko, e be o araba dipotso tse latelang.
Monghadi Mofokeng
Mohlomphehi
Ke o ngolla lengolo lena ke kgathatsehile haholo ka seo mora a ntsebisitseng sona mabapi le tse etsahalang sekolong. Ke utlwa hore e se e le matsatsi a mararo dithuto di sa tsamaye hantle. Jwalo ka e mong wa setho sa lekgotla la kemedi ya batswadi, ha ke eso fumane tsebiso ho tswa ho wena mabapi le taba ena. Ebe ho etsahalang sekolong moo? Ntsebise ka potlako pele ke tla moo ke tlo o shapa.
Ngola phoso e le nngwe feela e bontshang hore ho na le ho fosahetseng sebopehong sa lengolo lena.
Ngola qetelo ya lengolo lena.
Ho latela dikahare tsa lengolo lee, o ka fa ditaba tsee sehlooho sefe?
Qotsa polelo ho tswa temeng e senyang ditaba tsa lengolo lena.
Ebang bomonghadi Mofokeng ba babedi sekolong, ke eng se ka etsuwang hore lengolo le fihle matsohong a eo le reretsweng yena?
Maemo a moamohedi wa lengolo mona ke afe?
Bala ditaba tsa tema ena o ntano araba dipotso tse thehilweng hodima yona.
Bomme, kenang le iponele ka bolona. Fepang ba malapa a lona ka R10,00 feela ka letsatsi.
Lwantshang theko tse hodimo tsa dijo. Lebenkele la Bataung Traders, Qwaqwa, ke lona feela le ka o thusang. Bonkgono ba fumana theolelo ya 10%.
DIPOTSO:
Ditaba tsa papatso e ka hodimo di reretswe bomang?
Na bontate ba dumelletswe ho reka lebenkeleng lee? Ke ka lebaka la eng ha o realo?
Bolela hore polelo e sehetsweng mola ke nnete kapa mafosi o be o tshehetse karabo ya hao ka lebaka.
Na polelo ee ke ntlha kapa mohopolo feela: Lebenkele la Bataung Traders Qwaqwa, ke lona feela le ka o thusang! Fana ka lebaka la karabo ya hao.
Qolla polelwana e nang le tshusumetso e ka hohelang bareki ho tla lebenkeleng lena.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
KAROLO YA D: DINGOLWA
Araba potso e le nngwe feela bukeng eo o ithutileng yona.
Dipotso tsohle tsa KAROLO ya D di thehilwe dibukeng tse pedi. Ho na le dipotso tse pedi bukeng e nngwe le e nngwe. Kgetha mme o arabe potso e le NNGWE feela bukeng eo o ithutileng yona selemong sena.
POTSO YA 4
Bala qotso ena, o nto araba dipotso tse e latelang.
Jwale ha re nyorilwe tjee, re tla nwang? Re tla nwang bo, Mmutlanyana, metsi a kae?" Mmutlanyana a lla a re: "Ke Phokojwe, o ile a fihla le ntho tse monate, yaba o re ho nna o tla mpha tsona, ka dumela hore a ntlame matsoho ka morao, ke qethohe ka seetse. Athe yena o batla ho utswa metsi a rona mme a duke a setseng. Ke molotsana Phokojwe ke a le jwetsa. Jwale diphoofolo tsa botsana: "Qaka ena ya tonanahadi ebe re tla e rarolla jwang?" Yaba e mong o re: "A re kgetheng Kgudu ho lebela sediba sena sa rona". Tsa kgetha Kgudu mme tsa ikela naheng.
Yaba Phokojwe o a fihla, o fumana ho lebetse Kgudu. A dumedisa a re: "Hela Kgudu-e mokana ka, dumela." Kgudu a itholela a re tu! Phokojwe a boela a re: "Kgudu-e mokane, dumela." Ha hlokahala karabo. Yaba Phokojwe o a atamela, o fihla a sututsa Kgudu mme a re: "Kajeno lena teng ke tla nwa, ke nwe, ke be ke nwe, hobane ho lebetse sethoto sa semumu. Sutha ke nwe, sethoto towe se sa tsebeng le ho bua".
Yaba Phokojwe o inamela sedibeng. Eitse hoja a re o a nwa, Kgudu a mo tshwara ka leoto a ntse a itholetse. Phokojwe a hoa a re: "Itjhuu, Itjhuu, Itjhuu, monna ntlohele! Itjhuu o tla nthoba leoto wee!" Yaka ho thwe Kgudu a tiise. Phokojwe a kopa mohau, a rapela, feela Kgudu yena a mo kgomarela. Yaba Phokojwe o ntsha mokotlana wa dinotshi, a leka ho mo fofonedisa. Kgudu yena a furalla, a tadima hosele; empa a ntse a mo kakatletse mme a sa nyehlise.
Phokojwe o itse ka re: "Ntate Kgudu ya ratehang, nka mokotlana ona, ke wa hao." Kgudu a re tu, empa a tiisa le ho feta. Diphoofolo tse ding tsa ba tsa fihla. E ne e le thabo e kgolo ho tsona tsohle ho bona ka moo Kgudu a ba rarolletseng bothata ka teng. Tsa mo rorisa. Kgudu a utlwa monate mme a bososela. Hona moo Phokojwe ptjhemo! A le tipatipa a leba thabeng. Le ha ho le jwalo, diphoofolo tsa re: "O mohale Kgudu. Ke mona re tseba ho nwa metsi a rona, hobane o thibetse Phokojwe ho re senyetsa." Yaba ke tshomo ka mathetho.
DIPOTSO:
Fana ka lebitso la tshomo eo qotso ena e nkilweng ho yona.
Nehelana ka mantswe a sebediswang ke mopheti ha a lelekela tshomo.
Mantswe ao mopheti wa tshomo a phethelang tshomo ka ona ke afe?
Mohanyetsi tshomong ee ke mang?
Lebaka le neng le etsa hore sediba se lebelwe e ne e le lefe?
Phokojwe e ne e qhekelle phoofolo ya pele e neng e lebetse sediba ka ho e fa eng?
Hlalosa ka ntlha tse pedi seo phokojwe a ileng a se etsa ho iketsetsa bobebe hore a tle a inwelle metsi ntle le bothata ba letho.
Ke eng se sebe seo phokojwe a ileng a se etsa metsing hoba a qete ho nwa?
Hoba phokojwe a inwelle metsi a be a itsamaele ho ile ha batlwa phoofolo ya boraro ho tla lebela sediba. Hlalosa ka ntlha tse pedi bohlale boo phoofolo ena ya boraro e ileng ya bo etsa ho phema ho qhekellwa ke phokojwe.
Ho ya ka wena, o ka re tshomo ee e re ruta eng hantlentle?
KAPA
POTSO YA 5
Bala qotso ena e be o araba dipotso tse e latelang.
Yaba o a tsamaya. Nkgono a thaba haholo hobane ona ke monyetla wa hore a phethe merero ya hae e ditshila. Yaba nkgono o nka setloholo o ya le sona ha hae. A fihla a nka thipa a se poma maoto le matsoho, yaba o pata ditho tsena hole ngwana a ntse a lla moo habohlokohloko. Yare ha a bona mma lesea a kgutla sedibeng, a potlaka a kgutlela ha ngwetsi lapeng.
Mma ngwana ha a fihla o rola nkgo, mme o utlwa leseanyana la hae le lla. Yaba o re: "Ngwanaka a tla a lla habohloko basadi, mo tlise mme ke mo nyantshe." Yaba nkgono o ya ho lata ngwana. Ha a fihla moo ngwana a robetseng teng, a hoa a re: "Jo nna nna we, ngwana ka o jelwe keng maoto le matsoho? Ke qeta ho mmeha mona ho se molato mme a ipheletse hantle, jwale o jelwe keng na?"
Yaba o imakatsa jwalo he nkgono wa ngwana. Feela mmangwana yena a botsa hape ka pelo e bohloko a re: "Mme, ha ke ne ke kopile hore o ntshalle le ngwana tjee, ngwana wa ka o jelwe ke eng maoto le matsoho?" Nkgono a re: "Ka nnete ha ke tsebe se jeleng setloholo sena sa ka." Mmangwana a lla, a lla haholo, a lla sa mmokotsane. Yaba batho ba tla ba phalletse ho tla bona mohlolo ona o hlahetseng lapa lena.
Yaba ngwana enwa o a hola mme ya eba morwetsana e motle feela a se na maoto le matsoho. Mmae o ne a mo rata haholo, le ntatae feela jwalo. Ba ne ba mo hlokomela, ba mo jesa, ba mo robatsa hantle. O ne a dula a hlwekile a le makgethe. Ha ho uwa masimong, ngwana o ne a sala le nkgono, mme nkgono le yena a etsa eka o a mo rata.
DIPOTSO:
Fana ka lebitso la tshomo eo qotso ena e nkilweng ho yona.
Mme wa mophetwa wa sehlooho (lesea) o ne a le kae ha nkgonwae a tla etsa ketso e sehloho ho yena.
Ako hlalose ketsahalo e sehloho e ileng ya hlahela mophetwa enwa.
Hantlentle ketso eo e sehloho e ne e entswe ke mang?
Ho ya ka wena, o ka re nkgono eo ke motho wa semelo sefe? Nehelana ka lebaka bakeng sa karabo ya hao.
Hlalosa ka ntlha tse PEDI se neng se etsahale mohla batswadi ba Ditokotoko ba neng ba mo fumana a na le matsoho le maoto.
Pheletso ya nkgono e bile efe?
Bala dipolelo tse hlahelang KHOLOMONG YA A, ebe o kgetha karabo e nepahetseng e dumellanang le setatemente ka seng KHOLOMONG YA B. Ngola karabo feela.
KHOLOMO YA A
KHOLOMO YA B
Ha ho qalwa tshomo bamamedi ba lokela ho arabela mopheti wa tshomo ka ho re ...
Ka tlwaelo ya Basotho, ditshomo di ne phetwa haholo ke ...
Ka tlwaelo mantswe a sebediswang ha ho phethelwa tshomo a re ...
Ka tlwaelo ditshomo di ne di phetwa ka ... ha mesebetsi e se e phethilwe.
Ka tshwanelo mopheti o qala tshomo ka mantswe a reng ...
phirimana.
bonkgono.
ba re e ne e re.
ke tshomo ka matheto.
Ditokotoko o ne a sala le mang kamehla ha ho uwa masimong?
KAPA
POTSO YA 6
PELONG YA KA - SM Mofokeng
Bala qotso ena e be o araba dipotso tse e latelang.
Nako e batla ha re e kgaola dikoto tse kgolo feela: hwetla le mariha le selemo le hlabula; kapa re bua ka ho re kgwedi e thwasitse, kapa e a bola. Ho monate ha re bua ka maobane, kajeno le hosasa. Empa re ipakela tsietsi ha re qala ho thuha letsatsi, ha re qala ho thuha hora. Ngwana ya ithutang sekolong hore metsotso e mashome a tsheletseng e etsa hora, le hore hora tse mashome a mabedi a metso e mene di etsa letsatsi, ha a tsebe tsietsi eo a ithutang yona!
Empa nako e kotsi feela ha re e aroarola jwalo. Ha re e nahana ka moo re lokelang ho e nahana ka teng re fumana hore ke ntho e kgolo, e etsang mehlolo ruri. Mohlomong o tsietsing e kgolo, moratuwa wa hao -- ntatao, mmao, mohatsao -- o hlokahetse. O fumana hore o fihlile qetellong ya bophelo, ho setse feela hore a ipolaye hobane ha a bone hore na jwale ekaba o sa phelelang!
Mohlomong o ne o rata motho haholo, o sa bone hore o ka phela ka ntle ho yena. Jwale o fumana lengolo le bolelang hore ha e sa le wa hao, e se e le wa semanyamanyane. O a sarelwa, o tlallwa ke thota, tsohle di a o sulafalla; ha o bone hore na jwale ekaba nnete le botshepehi di teng fatsheng lena. Dilemo di a feta mme ha di ntse di feta, o lebala ba hlokahetseng, o lebala le ba sa kang ba tshepahala. Maqeba ao a a fola mme o qala ho elellwa hore tseo e ne e se dintho tse kgolo hakaalo.
DIPOTSO:
Bolela sehlooho sa moqoqo oo qotso e ka hodimo e nkilweng ho wona.
Bolela mefuta e MMEDI ya dijalo eo batho ba kgale ba neng ba leka ka hohle hore ba e jale ka nako e itseng.
Lebakabaka le neng le etsa hore ka nako e nngwe ba emise ho tswella pele masimong ke lefe?
Mongodi o re ho na le nako ya ho hlokahallwa ke eo o mo ratang haholo bophelong. Qolla moratuwa a le mong ho bao mongodi a buang ka bona.
Kgetha karabo e le nngwe e nepahetseng ho tseo o di fuweng ka masakaneng dipolelong tse latelang.
Mongodi o re hangata o tla fumana motho ya sa kgoneng ho ka sebedisa nako ka tshwanelo, ha motho e mong a kopa thuso ho yena ebe o tla itshwarella ka ho re ...
A o kgathetse
B o a kula.
C ha a na nako.
Ha motho a bolellwa hore motho eo a neng a mo rata haholo ha e sa le wa hae, e se e le wa e mong, motho eo o utlwa bohloko ebe ...
A o a sarelwa.
B ha a tsotelle.
C o ipatlela e mong e motjha.
Ho ya ka ditaba tsa moqoqo oo, ke maemo afe a MABEDI ao motho a yeng a iphumane a le ho ona hoba a utlwe hore eo a mo ratang haholo o hlokahetse?
Dipolelo ke tsena: Dilemo di a feta mme ha di feta o lebala ba hlokahetseng. E jwalo nako. Na ke nnete hore ba hlokahetseng ba a lebalwa? (Tshehetsa karabo ya hao.)
Basotho ba mehleng ee ba fapana jwang le ba kgale mabapi le tshebediso ya nako?
Fana ka molaetsa o fumanwang moqoqong ona ka polelo e le nngwe feela.
KAPA
POTSO YA 7
PELONG YA KA - SM Mofokeng
Bala qotso ena e be o araba dipotso tse e latelang.
PELO ke setho se seng seholo hakaalo mmeleng wa motho empa se hlokahalang haholo hoo motho a sitwang ho phela ha se le siyo. Re tseba ka ho otla ha yona hore motho o sa phela. Ha e se e otla hanyenyane le teng re a tseba hore bophelo ha bo sa le matla, lebone le se le rata ho tima. Teng ha e se e eme, re tseba hore e se e le maobane. Ke setho se hlokahalang haholo mmeleng empa se leng thata ho phekolwa. Hangata ha dingaka di re motho o na le lefu la pelo, eba re se re dula ka matswalo a hore eo o se a ntse a re siile.
Ho otla ha pelo ha ho re bolelle feela hore motho o sa phela, ho ka nna ha re bolella ntho tse ding tse ngata. Pelo ka nako e nngwe e a bolela ha monga yona a tshohile. O ka fumana e otla haholo e bile eka e tla tswa pakeng tsa dikgopo. Ha se feela e yeng e re leshodu le ipatile ha monate, batho ba sa le bone, mohlomong ba se ba bile ba le tetse, ba tshohe le se le re rao! le bile le baleha, e le hobane le utlwile pelo ya lona e otla haholo hoo le bileng la kgolwa hore batho ba a e utlwa!
E matla pelo. Ha se feela le rona Basotho re buang haholo hakaana ka yona. Ha motho a eja, dijo di sa theohele hantle, a utlwa a feroha dibete, o re: "Dijo tsena ha di a theohela hantle. Di ntutse pelong," kapa "Pelo ya ka e a nyeka."
DIPOTSO:
Sehlooho sa moqoqo o ka hodimo ke sefe?
Hobaneng ha mongodi a re pelo ke setho sa mmele se hlokehang ho motho?
Mongodi o re motho o laelwa ke dipelo tse kae? Hlalosa hore di laela motho ka tsela efe.
Ho ya ka ditaba tsa moqoqo oo ho thwe motho ya jang haholo a sa kgethe dijo o ...?
Kgetha karabo e nepahetseng ho tse latelang.
Pelo e ntsho
Pelonolo
Ha ho thwe pelo ya motho e eme ke ha ho bolelwa hore motho eo o ...
phetse.
shwele.
a kula.
Qoholla polelo e tswang e temeng, e bontshang hore motho ha a tshohile haholo, pelo ya hae e etsa jwang.
Phapano ke efe dipakeng tsa motho ya pelo e jewang le motho ya pelo e mpe?
Ho ya ka wena o ka re molaetsa wa moqoqo oo ke ofe?
Ha motho a idibane, se ka o tiisetsang hore o sa phela ke sefe?
Motho o nyahama pelo ha ho etsahetse jwang?
Temeng ena qoholla polelo e bolelang hore motho o o rata haholo.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA D:
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA:
